BIBELE e Halalelang

Eksoda 30:16-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. O nke tjhelete tsa topollo tse ntshwang ke bana ba Iseraele, o di ntshetse tshebeletso ya tente ya pokano; e tla ba kgopotso ho bana ba Iseraele pela Jehova, ha ho etsetswa meya ya lona topollo.

17. Jehova a boela a bolella Moshe, a re:

18. O etse morifi wa koporo o nang le sedulwana sa koporo ho itlhatswetsa ho wona, o o bee mahareng a tente ya pokano le aletare; o tshele metsi,

19. hore Aarone le bara ba hae ba tle ba itlhatswe matsoho le maoto teng.

20. Etlare ha ba etla tenteng ya pokano, ba itlhatswe ka metsi, ba tle ba se ke ba eshwa; ba itlhatswe hape, ha ba atamela aletareng ho etsa tshebeletso, ho tjhesa sehlabelo se tjhesetswang Jehova.

21. Ba itlhatswe matsoho le maoto, ba tle ba se ke ba eshwa; hoo e tla ba taelo ya kamehla ho bona, ke re, ho Aarone le ditloholo tsa hae, melokong ya bona.

22. Hape, Jehova a bolella Moshe, a re:

23. O nke dibano tse kgethehileng, tsa mirra e metsi tse boima ba dishekele tse makgolo a mahlano le halofo ya boima bo kalo ya sinnamone e monko o monate, e leng dishekele tse makgolo a mabedi a mashome a mahlano, le lehlaka le monko o monate le boima ba dishekele tse makgolo a mabedi a mashome a mahlano,

24. le dishekele tse makgolo a mahlano tsa kasia, ha ho lekanngwa ka shekele ya sehalalelo, le tekanyo ya hine ya ole ya mohlwaare.

25. Ka tseo, o tla etsa ole ya setlolo e kgethehileng, tswako e monko o monate, e entsweng ka mokgwa wa motswaki wa tse nkgang hamonate. E tla ba ole ya setlolo e kgethehileng.

26. Ka yona, o tla tlotsa tente ya pokano le areka ya bopaki,

27. le tafole le mesebetsi yohle ya yona, le kandelare le mesebetsi yohle ya yona, le aletare ya dibano,