BIBELE e Halalelang

Eksoda 30:1-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. O etse aletare ho tjhesetsa dibano teng, o e etse ka fate sa leoka.

2. Bolelele ba yona e be ba tswe se le seng, bophara le bona e be tswe se le seng; e be le mahlakore a mane a lekanang; bophahamo ba yona e be tswe tse pedi.

3. Manaka a yona e be ntho e le nngwe le yona. O e manehe ka kgauta e hlwekileng, kahodimo le kahohle mahlakoreng le manakeng; o e etsetse mofapo wa kgauta o e potolohang.

4. O e etsetse mehwele e mmedi ya kgauta tlasa mofapo, mahlakoreng a yona a mabedi; o etse jwalo mahlakoreng a mabedi; mehwele eo e be ya ho kenya mejaro, eo e jarwang ka yona.

5. O etse mejaro ya sefate sa leoka, o e manehe ka kgauta.

6. O tla bea aletare malebana le lesira le pela areka ya bopaki, ho tadimana le sekwahelo se hodima bopaki, e leng moo ke tla teana le wena teng.

7. Aarone a tjhesetse ho yona ka hosasa ho hong le ho hong dibano tse monko o monate; a di tjhese ha a lokisa dilampi.

8. Etlare ha Aarone a hoteditse dilampi mantsiboya, a tjhese dibano; e tla ba dibano tse sa feleng pela Jehova, melokong ya lona.

9. Le se ke la tjhesetsa teng dibano disele, kapa setjheso, kapa nye helo, mme le se ke la etsa ditshelo teng.

10. Aarone a tle a etse pheko manakeng a aletare hang ka selemo se seng le se seng; a etse pheko teng hang ka selemo, melokong ya lona, ka madi a sehlabelo sa sebe. E tla ba ntho e kgethehileng haholo ho Jehova.

11. Hape, Jehova a bolella Moshe, a re:

12. Etlare ha o bala bana ba Iseraele ho tseba palo ya bona, e mong le e mong a tle a ntshetse moya wa hae topollo, pela Jehova, mohla ba balwang, hore ba se ke ba welwa ke bolwetse, mohla ba balwang.

13. Bohle ba balwang ba tla ntsha hona: ba ntshe halofo ya shekele (ka ho ya ka shekele ya sehalalelo, e leng shekele e nang le gera tse mashome a mabedi), ke re, halofo ya shekele, e be kabelo e abelwang Jehova.

14. Mang le mang ya balwang, ho tloha ho ya dilemo tse mashome a mabedi le ho ya pele, o tla ntsha kabelo e abelwang Jehova.

15. Morui a se ke a eketsa, mme mofutsana a se ke a fokotsa halofo ya shekele ka letho, ha ho ntshwa kabelo e newang Jehova, ho etsa topollo ya meya ya lona.

16. O nke tjhelete tsa topollo tse ntshwang ke bana ba Iseraele, o di ntshetse tshebeletso ya tente ya pokano; e tla ba kgopotso ho bana ba Iseraele pela Jehova, ha ho etsetswa meya ya lona topollo.