BIBELE e Halalelang

Eksoda 3:12-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Wa re: Ke tla ba le wena, mme pontsho ya hobane ke nna ke o romang, e tla ba ena: Mohla o ntshang setjhaba Egepeta, le tla tla sebeletsa Modimo hodima thaba ena.

13. Moshe a re ho Modimo: Bona, ke tla ya ho bana ba Iseraele, mme ke tla re ho bona: Modimo wa bontata lona o nthomile ho lona; etlare ha ba re ho nna: Lebitso la wona ke mang? ke tla reng ho bona?

14. Yaba Modimo o re ho Moshe: Ke nna Ya-leng-teng. Hape wa re: O tla rialo ho bana ba Iseraele, o re: Ya-leng-teng o nthomile ho lona.

15. Modimo wa eketsa wa re ho Moshe: O tle o re ho bana ba Iseraele: Jehova, Modimo wa bontata lona, Modimo wa Abrahama, Modimo wa Isaaka, Modimo wa Jakobo, o nthomile ho lona. Ke lona lebitso la ka ka ho sa feleng, mme ke yona kgopotso ya ka melokong le melokong.

16. Tsamaya, o phuthe baholo ba Iseraele, o re ho bona: Jehova, Modimo wa bontata lona, Modimo wa Abrahama, wa Isaaka le wa Jakobo, o iponahaditse ho nna, wa re: Ho le lekola, ke le lekotse; ke bone seo le se etswang Egepeta;

17. mme ke itse: Ke tla le ntsha mahlomoleng a Egepeta, ke le ise lefatsheng la Bakanana, le la Bahethe, le la Baamore, le la Baferese, le la Baheve, le la Bajebuse, lefatshe le kollang lebese le dinotshi.

18. Ba tla mamela lentswe la hao, mme o tla ya, wena le baholo ba Iseraele, ho morena wa Egepeta, mme le tla re ho yena: Jehova, Modimo wa Baheberu, o tlile ho rona, mme jwale, ako re dumelle; re ye tsela ya matsatsi a mararo lefeelleng, re tle re hlabele Jehova, Modimo wa rona, mahlabelo.

19. Empa ke tseba hoba morena wa Egepeta ha a ka ke a le dumella ho tsamaya, esita leha a ka etswa ka letsoho le matla.

20. Empa ke tla otlolla letsoho la ka, ke otle Egepeta ka mehlolo yohle ya ka, eo ke tla e etsa teng, mme kamorao o tla le tlohela, le tsamaye.

21. Ke tla etsa hore setjhaba sena se fumane mohau mahlong a Baegepeta, mme etlare ha le tsamaya ha le ka ke la tsamaya le sa nka letho.

22. Empa mosadi e mong le e mong o tla kopa ho ya ahisaneng le yena, le ho eo ya ahileng le yena, mesebatsi ya silefera, le mesebetsi ya kgauta, le diaparo, le tle le apese bara ba lona le baradi ba lona ka tsona; le tla hlobodisa Baegepeta jwalo.