31. Kobo ya efoda o e etse kaofela ha yona ka purepera;
32. e be le lesoba la hlooho bohareng ba yona; mmenong wa lesoba e be le moqhaka o tshophilweng; lesoba leo le be jwaloka lesoba la seaparo sa bahlabani hore kobo e se ke ya taboha.
33. Melekeng ya yona o tla etsa mohomo wa digaranata tsa purepera le sekarelata, le krimsone o e potolohang melekeng ya yona; dipakeng tsa tsona kahohle o etse diklokonyana tsa kgauta;
34. ho bewe klokonyana ya kgauta le garanata, ho boele ho bewe klokonyana ya kgauta le garanata, melekeng ya kobo, ho e potoloha.
35. Aarone o tla e apara ha a phetha tshebeletso; ho lla ha tsona ho tla utlwahala ha a kena sehalalelong pela Jehova, leha a etswa, hore a tle a se ke a shwa.
36. O tla etsa le lebenyane la kgauta e hlwekileng, mme o tla ngola ho lona ka mokgwa wa tiiso ya mangolo taba e reng: Kgalalelo ho Jehova.
37. O le hokele ka kgole ya purepera, mme le bewe moqhweleng; le dule kapele ho moqhwele.
38. Le tla ba phatleng ya Aarone, mme Aarone o tla jara bokgopo ba ntho tse kgethehileng tseo bana ba Iseraele ba di kgethang, e leng dineo tsohle tsa ntho tsa bona tse kgethehileng. Le tle le be phatleng ya hae kamehla, hore ba fumane mohau pela Jehova.
39. O tla etsa kojwana ya lene e ntle e lohilweng; hape, o tla etsa moqhwele wa lene e ntle e lohilweng, hape o etse senyepa se homilweng.
40. O tla etsetsa bara ba Aarone dikojwana, o ba etsetse le dinyepa le dikatiba tsa kganya le kgabiso;
41. o ntoo apesa Aarone, moholwane wa hao, hammoho le bara ba hae. O tla ba tlotsa, o ba hlwekise, o ba kgethe hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka.
42. O ba etsetse le marikgwana a lene ho apesa bofeela ba bona; a tla tloha lethekeng, a fihle diropeng.
43. Aarone le bara ba hae ba ke ba a tene, ha ba kena tenteng ya pokano, leha ba atamela aletareng, ho phetha tshebeletso ya sehalalelo, ba tle ba se ke ba etsa molato, mme ba se ke ba eshwa; ke taelo e sa feleng, e neilweng yena le ditloholo tsa hae tse tla mo hlahlama.