BIBELE e Halalelang

Eksoda 28:24-41 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

24. maqakatsa a tshopilweng a kgauta, o tla a kenya mehweleng eo e mmedi, dintlheng tsa mokgajwana.

25. Dintlha tse ding tse pedi tsa maqakatsa a tshophilweng o tle o di kenye dikoomaneng tse pedi, di bewe mabanteng a mahetla a efoda, kapele ho wona.

26. O tla etsa mehwele e mmedi ya kgauta, mme o tla e bea pheletsong tse pedi tsa mokgajwana, mophethong o bapaneng le efoda, kahare.

27. O etse hape mehwele e mmedi ya kgauta, mme o e bee mabanteng a mabedi a mahetleng a efoda, katlase, kapele ho wona, haufiufi le moo e rokahantsweng teng, kahodima senyepa sa efoda.

28. Mokgajwana o ke o hokelwe ka mehwele ya wona mehweleng ya efoda ka kgole ya purepera, hore o tle o eme kahodima senyepa sa efoda, mokgajwana o tle o se ke wa sutha efodeng.

29. Etlare ha Aarone a kena sehalalelong, o tla jara sefubeng sa hae, ka mokgajwana wa kahlolo, mabitso a bana ba Iseraele, e tle e be kgopotso e sa feleng pela Jehova.

30. Mokgajwaneng wa kahlolo o tla bea Urime le Thummime, di tle di be sefubeng sa Aarone, ha a kena pela Jehova; Aarone o tla jarela bana ba Iseraele kahlolo sefubeng sa hae, pela Jehova, ka ho sa feleng.

31. Kobo ya efoda o e etse kaofela ha yona ka purepera;

32. e be le lesoba la hlooho bohareng ba yona; mmenong wa lesoba e be le moqhaka o tshophilweng; lesoba leo le be jwaloka lesoba la seaparo sa bahlabani hore kobo e se ke ya taboha.

33. Melekeng ya yona o tla etsa mohomo wa digaranata tsa purepera le sekarelata, le krimsone o e potolohang melekeng ya yona; dipakeng tsa tsona kahohle o etse diklokonyana tsa kgauta;

34. ho bewe klokonyana ya kgauta le garanata, ho boele ho bewe klokonyana ya kgauta le garanata, melekeng ya kobo, ho e potoloha.

35. Aarone o tla e apara ha a phetha tshebeletso; ho lla ha tsona ho tla utlwahala ha a kena sehalalelong pela Jehova, leha a etswa, hore a tle a se ke a shwa.

36. O tla etsa le lebenyane la kgauta e hlwekileng, mme o tla ngola ho lona ka mokgwa wa tiiso ya mangolo taba e reng: Kgalalelo ho Jehova.

37. O le hokele ka kgole ya purepera, mme le bewe moqhweleng; le dule kapele ho moqhwele.

38. Le tla ba phatleng ya Aarone, mme Aarone o tla jara bokgopo ba ntho tse kgethehileng tseo bana ba Iseraele ba di kgethang, e leng dineo tsohle tsa ntho tsa bona tse kgethehileng. Le tle le be phatleng ya hae kamehla, hore ba fumane mohau pela Jehova.

39. O tla etsa kojwana ya lene e ntle e lohilweng; hape, o tla etsa moqhwele wa lene e ntle e lohilweng, hape o etse senyepa se homilweng.

40. O tla etsetsa bara ba Aarone dikojwana, o ba etsetse le dinyepa le dikatiba tsa kganya le kgabiso;

41. o ntoo apesa Aarone, moholwane wa hao, hammoho le bara ba hae. O tla ba tlotsa, o ba hlwekise, o ba kgethe hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka.