BIBELE e Halalelang

Eksoda 28:14-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. o etse a ohlilweng ka mokgwa wa mosebetsi o tshophilweng, mme o hokele maqakatsa a tshopilweng dikoomaneng.

15. O tla etsa mokgajwana wa kahlolo ka mokgwa wa mosebetsi o etswang ka masene; o o etse ka mokgwa o le mong le efoda; o o etse ka kgauta, le purepera, le sekarelata, le krimsone, le lene e ntle e lohilweng.

16. O be le mahlakore a mane, a mennweng; bolelele ba wona e be boahlamo ba menwana, le bophara ba wona e be boahlamo ba menwana.

17. O kenye ho wona, ka mokgwa oo mahakwe a bewang ka wona, melana e mene ya mahakwe: molaneng o mong ho bewe rubise, topase, le emeralde, ke molana wa pele;

18. molaneng wa bobedi, ho bewe karbunkle, le safire, le daemane;

19. molaneng wa boraro, ho bewe hiasinthe, le agate, le amethiste; molaneng wa bone, ho bewe krisolite, onikse, le jaspe.

20. Mahakwe ao a ke a kenngwe kgauteng, dikoomaneng tsa wona.

21. Mahakwe a tla bewa ka ho ya ka lenaneo la mabitso a bana ba Iseraele, a le leshome le metso e mmedi ka palo ya mabitso a bona; e tla ba a meloko e leshome le metso e mmedi, le leng le le leng le be le lebitso la lona, le ngodilweng ka mokgwa wa tiiso ya mangolo.

22. Mokgajwaneng o tla hokela maqakatsa a lohilweng, ka mokgwa wa mosebetsi o tshophilweng, a kgauta e hlwekileng.

23. Mokgajwaneng o tla etsa mehwele e mmedi ya kgauta, mme mehwele eo e mmedi o tle o e bee dintlheng tsa mokgajwana;

24. maqakatsa a tshopilweng a kgauta, o tla a kenya mehweleng eo e mmedi, dintlheng tsa mokgajwana.

25. Dintlha tse ding tse pedi tsa maqakatsa a tshophilweng o tle o di kenye dikoomaneng tse pedi, di bewe mabanteng a mahetla a efoda, kapele ho wona.

26. O tla etsa mehwele e mmedi ya kgauta, mme o tla e bea pheletsong tse pedi tsa mokgajwana, mophethong o bapaneng le efoda, kahare.

27. O etse hape mehwele e mmedi ya kgauta, mme o e bee mabanteng a mabedi a mahetleng a efoda, katlase, kapele ho wona, haufiufi le moo e rokahantsweng teng, kahodima senyepa sa efoda.

28. Mokgajwana o ke o hokelwe ka mehwele ya wona mehweleng ya efoda ka kgole ya purepera, hore o tle o eme kahodima senyepa sa efoda, mokgajwana o tle o se ke wa sutha efodeng.