BIBELE e Halalelang

Eksoda 28:1-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. O atametse Aarone, moholwane wa hao, pela hao, a tle le bara ba hae, ba kgethwe ho bana ba Iseraele, hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka: e be Aarone, le Nadabe, le Abihu, le Eleasare, le Ithamare, bara ba Aarone.

2. O etsetse Aarone, moholwane wa hao, diaparo tse kgethehileng, tsa kganya le tsa khabiso.

3. O bue le banna ba masene, bao ke ba tshetseng ka moya wa hlalefo, ba tle ba etsetse Aarone diaparo tse mo kgethang, hore a tle a sebetse mosebetsi wa boprista pela ka. Diaparo tseo ba tla di etsa, ke tsona tsena:

4. Mokgajwana, le efoda, le kobo, le kojwana e homilweng le moqhwele, le senyepa. Ba etsetse Aarone moholwane wa hao, le bara ba hae diaparo tse kgethehileng, ba tle ba etse mosebetsi wa boprista pela ka.

5. Ba nke kgauta, le purepera, le sekarelata, le krimsone le lene e ntle.

6. Ba etse efoda ka kgauta, le purepera, le sekarelata, le krimsone, le line e ntle e lohilweng, e be mosebetsi o etswang ka masene.

7. E be le mabanta a mabedi a yona a mahetla a e kopanyang dintlheng tsa yona tse pedi; e fele e kopanngwe jwalo.

8. Senyepa se e tlamang, e be ntho e le ngwe le yona; se tla bewa hodima yona, e be sa mofuta o le mong le yona, se etswe ka kgauta, le purepera, le sekarelata, le krimsone, le lene e ntle e lohilweng.

9. O nke mahakwe a mabedi a onikse, o ngole ho wona mabitso a bana ba Iseraele;

10. mabitso a tsheletseng a ngolwe lehakweng le leng, a mang mabitso a tsheletseng lehakweng le leng, ka ho ya ka meloko ya bona.

11. O tla ngola mabitso mahakweng ao a mabedi kamoo ho ka etsang ya ngolang mahakweng kateng, ka mokgwa oo ho ngolwang tiiso ya mongolo, mabitso a ngolwe ka lenaneo la bana ba Iseraele; o a kenye dikoomaneng tsa kgauta.

12. Mahakwe a mabedi o tla a bea mahetleng a efoda, e be mahakwe a kgopotso ho bana ba Iseraele; Aarone o tla jara jwalo mabitso a bona pela Jehova mahetleng a hae a mabedi, ho etsa kgopotso. Dikoomana o tla etsa tsa kgauta;

13. o etse le maqakatsa a mabedi a kgauta e hlwekileng;

14. o etse a ohlilweng ka mokgwa wa mosebetsi o tshophilweng, mme o hokele maqakatsa a tshopilweng dikoomaneng.