BIBELE e Halalelang

Eksoda 26:9-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. O ke o rokelle masela a mahlano ka nqe nngwe, le masela a tsheletseng ka hosele, mme o menahanye lesela la botshelela kapele ho tente.

10. O tla bea mahokelo a mashome a mahlano mophethong wa lesela le ntlheng ya masela a rokeletsweng hammoho, le mahokelo a mashome a mahlano mophethong wa lesela le ntlheng ya a mang a rokeletsweng hammoho.

11. O tla etsa dikgoketsane tse mashome a mahlano tsa koporo, mme o kenye dikgoketsane tseo mahokelong; o kopanye tente hammoho, e tle e be ntho e le nngwe feela.

12. Haele mmeno o setseng maseleng a tente, sekoto sa mmeno o setseng se tla lepella maraong a tabernakele.

13. Setswe se ka kwano le setswe se ka kwana, tse setseng boleleleng ba masela a tente, di tla lepella mahlakoreng a tabernakele, ka kwano le ka kwana, ho e kwahela.

14. O ntoo etsetsa tente sekgurumetso sa matlalo a dipheleu a tlotsitsweng ka bofubedu, le sekgurumetso sa matlalo e diqibi ho apesa sa matlalo a dipheleu.

15. O tla etsetsa tabernakele dipolanka tsa sefate sa leoka tse tla emiswa;

16. bolelele ba polanka e tla ba tswe tse leshome, mme bophara ba polanka e be setswe se nang le halofo ya setswe.

17. Polanka e nngwe le e nngwe e tle e etsetswe dimapo tse pedi tse bapaneng, o tle o etse dipolanka tsohle tsa tabernakele jwalo.

18. Dipolanka tseo o di etsang tsa tabernakele, o tla bea tse mashome a mabedi ka nqa borwa;

19. o tla etsa didulwana tsa silefera tse mashome a mane tse tla bewa tlasa dipolanka tse mashome a mabedi, polanka e be le didulwana tse pedi le dimapo tse pedi tsa tsona, e nngwe polanka e be le didulwana tse pedi le dimapo tse pedi tsa tsona.

20. Lehlakore la bobedi la tabernakele le ka nqa leboya o tla le etsetsa dipolanka tse mashome a mabedi;

21. o etse le didulwana tsa tsona tsa silefera tse mashome a mane, polanka e nngwe e be le didulwana tse pedi, e nngwe polanka e be le didulwana tse pedi.

22. Haele motseo wa tabernakele, nqa bophirimela, o o etsetse dipolanka tse tsheletseng.

23. O tla etsetsa dikgutlo tsa tabernakele, motseo, dipolanka tse pedi.

24. Di tla kopanngwa katlase, hape di kopanngwe le kahodimo ka mofapo; di etswe jwalo tse pedi; mme di fele di be dikgutlong tse pedi.

25. Ha ho le jwalo, teng ho tla ba le dipolanka tse robileng meno e le mmedi tse nang le didulwana tsa tsona tsa silefera; didulwana tsona di tla bo leshome le metso e tsheletseng, di be ka bobedi katlasa polanka e nngwe, le ka bobedi katlasa polanka e nngwe.

26. O ntoo etsa maballo a sefate sa leoka; a be mahlano dipolankeng tse lehlakoreng le leng la tabernakele;