BIBELE e Halalelang

Eksoda 26:15-34 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. O tla etsetsa tabernakele dipolanka tsa sefate sa leoka tse tla emiswa;

16. bolelele ba polanka e tla ba tswe tse leshome, mme bophara ba polanka e be setswe se nang le halofo ya setswe.

17. Polanka e nngwe le e nngwe e tle e etsetswe dimapo tse pedi tse bapaneng, o tle o etse dipolanka tsohle tsa tabernakele jwalo.

18. Dipolanka tseo o di etsang tsa tabernakele, o tla bea tse mashome a mabedi ka nqa borwa;

19. o tla etsa didulwana tsa silefera tse mashome a mane tse tla bewa tlasa dipolanka tse mashome a mabedi, polanka e be le didulwana tse pedi le dimapo tse pedi tsa tsona, e nngwe polanka e be le didulwana tse pedi le dimapo tse pedi tsa tsona.

20. Lehlakore la bobedi la tabernakele le ka nqa leboya o tla le etsetsa dipolanka tse mashome a mabedi;

21. o etse le didulwana tsa tsona tsa silefera tse mashome a mane, polanka e nngwe e be le didulwana tse pedi, e nngwe polanka e be le didulwana tse pedi.

22. Haele motseo wa tabernakele, nqa bophirimela, o o etsetse dipolanka tse tsheletseng.

23. O tla etsetsa dikgutlo tsa tabernakele, motseo, dipolanka tse pedi.

24. Di tla kopanngwa katlase, hape di kopanngwe le kahodimo ka mofapo; di etswe jwalo tse pedi; mme di fele di be dikgutlong tse pedi.

25. Ha ho le jwalo, teng ho tla ba le dipolanka tse robileng meno e le mmedi tse nang le didulwana tsa tsona tsa silefera; didulwana tsona di tla bo leshome le metso e tsheletseng, di be ka bobedi katlasa polanka e nngwe, le ka bobedi katlasa polanka e nngwe.

26. O ntoo etsa maballo a sefate sa leoka; a be mahlano dipolankeng tse lehlakoreng le leng la tabernakele;

27. maballo a mang a mahlano a be dipolankeng tsa lehlakore la bobedi la tabernakele; hape, maballo a be mahlano dipolankeng lehlakoreng la tabernakele le ka nqa bophirimela, motseo.

28. Leballo le hare le be hara dipolanka, ho di kopanya hammoho.

29. O tla maneha dipolanka ka kgauta, mme o etse mefapo ya tsona ya kgauta eo maballo a tla kenngwa ho yona; le wona maballo o a manehe ka kgauta.

30. O hlome tabernakele ka mokgwa oo o o bontshitsweng thabeng.

31. O tla etsa lesira le purepera le sekarelata le krimsone le lene e ntle e lohilweng; le tle le etswe ka mokgwa wa mosebetsi o etswang ka masene, mme ho homelwe dikerubime ho lona.

32. O tla le fanyeha ditshiyeng tse nne tsa sefate sa leoka, tse manehilweng ka kgauta, tse nang le dikgoketsane tsa tsona tsa kgauta; hape di hlomelwe didulwaneng tse nne tsa silefera.

33. O tle o bee lesira tlasa dikgoketsane, mme hona teng, kahare ho lesira, o tla kenya areka ya bopaki, lesira lena le tla le arolela sehalalelo ho sehalaledisiso.

34. O tla bea sekwahelo hodima areka ya bopaki, sehalaledisisong.