BIBELE e Halalelang

Eksoda 26:11-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. O tla etsa dikgoketsane tse mashome a mahlano tsa koporo, mme o kenye dikgoketsane tseo mahokelong; o kopanye tente hammoho, e tle e be ntho e le nngwe feela.

12. Haele mmeno o setseng maseleng a tente, sekoto sa mmeno o setseng se tla lepella maraong a tabernakele.

13. Setswe se ka kwano le setswe se ka kwana, tse setseng boleleleng ba masela a tente, di tla lepella mahlakoreng a tabernakele, ka kwano le ka kwana, ho e kwahela.

14. O ntoo etsetsa tente sekgurumetso sa matlalo a dipheleu a tlotsitsweng ka bofubedu, le sekgurumetso sa matlalo e diqibi ho apesa sa matlalo a dipheleu.

15. O tla etsetsa tabernakele dipolanka tsa sefate sa leoka tse tla emiswa;

16. bolelele ba polanka e tla ba tswe tse leshome, mme bophara ba polanka e be setswe se nang le halofo ya setswe.

17. Polanka e nngwe le e nngwe e tle e etsetswe dimapo tse pedi tse bapaneng, o tle o etse dipolanka tsohle tsa tabernakele jwalo.

18. Dipolanka tseo o di etsang tsa tabernakele, o tla bea tse mashome a mabedi ka nqa borwa;

19. o tla etsa didulwana tsa silefera tse mashome a mane tse tla bewa tlasa dipolanka tse mashome a mabedi, polanka e be le didulwana tse pedi le dimapo tse pedi tsa tsona, e nngwe polanka e be le didulwana tse pedi le dimapo tse pedi tsa tsona.