BIBELE e Halalelang

Eksoda 25:20-32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. Dikerubime di ke di otlollele dipheo tsa tsona hodimo, di kgurumetse sekwahelo ka dipheo tsa tsona, mme di tadimane ka difahleho; difahleho tsa dikerubime di tadime nqa sekwahelong.

21. O tla bea sekwahelo hodima areka, mme ka arekeng o bee bopaki boo ke tla o nea bona.

22. Ke hona moo ke tla teana le wena, ke bue le wena ke le hodima sekwahelo, pakeng tsa dikerubime tse hodima areka ya bopaki, hore ke tle ke o bolelle tsohle tseo ke tla o laela tsona bakeng sa bana ba Iseraele.

23. Hape, o tla etsa tafole ya sefate sa leoka; bolelele ba yona e be ditswe tse pedi, bophara ba yona e be ba tswe se le seng, bophahamo ba yona e be setswe se nang le halofo.

24. O tle o e manehe ka kgauta e hlwekileng, mme o e etsetse mofapo wa kgauta o e potolohang.

25. O tle o e etsetse moqhaka o bophara ba seatla o e kopang, mme o e etsetse mofapo wa kgauta o potang moqhaka wa yona.

26. O tla e etsetsa mehwele e mene ya kgauta, mme o bee mehwele dintlheng tse nne tse maotong a mane a yona.

27. Mehwele e ke e be haufi le moqhaka, ho kenya ho yona mejaro ya ho jara tafole.

28. O tla etsa mejaro ya sefate sa leoka, o e manehe ka kgauta, mme tafole e tla jarwa ka mejaro.

29. O tle o etse mafiso a yona, le mehope ya yona, le dinkgwana tsa yona, le merifi ya yona eo ho tla etswa ditshelo ka yona; o di etse ka kgauta e hlwekileng.

30. O tla bea mahobe a pontsha tafoleng a nne a be teng pela ka kamehla.

31. O etse kandelare ya kgauta e hlwekileng: kandelare e etswe ka kgauta e teilweng; leoto la yona, le kutu ya yona, le meritshwana ya yona, le dinoko tsa yona, le dipalesa tsa yona, e be ntho e le nngwe le yona.

32. Ho tla tswa makala a tsheletseng mahlakoreng a yona; makala a mararo a etswe lehlakoreng le leng la kandelare, a mang makala a mararo a tswe lehlakoreng le leng la kandelare.