BIBELE e Halalelang

Eksoda 25:15-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Mejaro e tla nne e dule mehweleng ya areka; e se ke ya tloswa.

16. O tla bea arekeng bopaki boo ke tla o nea bona.

17. O tla etsa sekwahelo ka kgauta e hlwekileng; bolelele ba sona e be ditswe tse pedi tse nang le halofo, mme bophara ba sona e be setswe se nang le halofo.

18. Hape, o etse dikerubime tse pedi tsa kgauta: o tle o di etse ka kgauta e teilweng, o di bee dintlheheng tse pedi tsa sekwahelo.

19. O etse kerubime e nngwe ntlheng e ka kwano, mme o bee kerubime e nngwe ntlheng e ka kwana. Le tle le etse dikerubime hammoho le sekwahelo, dintlheng tsa sona tse pedi.

20. Dikerubime di ke di otlollele dipheo tsa tsona hodimo, di kgurumetse sekwahelo ka dipheo tsa tsona, mme di tadimane ka difahleho; difahleho tsa dikerubime di tadime nqa sekwahelong.

21. O tla bea sekwahelo hodima areka, mme ka arekeng o bee bopaki boo ke tla o nea bona.

22. Ke hona moo ke tla teana le wena, ke bue le wena ke le hodima sekwahelo, pakeng tsa dikerubime tse hodima areka ya bopaki, hore ke tle ke o bolelle tsohle tseo ke tla o laela tsona bakeng sa bana ba Iseraele.

23. Hape, o tla etsa tafole ya sefate sa leoka; bolelele ba yona e be ditswe tse pedi, bophara ba yona e be ba tswe se le seng, bophahamo ba yona e be setswe se nang le halofo.

24. O tle o e manehe ka kgauta e hlwekileng, mme o e etsetse mofapo wa kgauta o e potolohang.

25. O tle o e etsetse moqhaka o bophara ba seatla o e kopang, mme o e etsetse mofapo wa kgauta o potang moqhaka wa yona.

26. O tla e etsetsa mehwele e mene ya kgauta, mme o bee mehwele dintlheng tse nne tse maotong a mane a yona.

27. Mehwele e ke e be haufi le moqhaka, ho kenya ho yona mejaro ya ho jara tafole.