BIBELE e Halalelang

Eksoda 25:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba Jehova o bua le Moshe, a re:

2. Bua le bana ba Iseraele hore ba nntshetse kabelo ya seo ba nang le sona; le amohele kabelo ya motho ka mong ya nntshetsang yona ka pelo e ntle.

3. Ke ena kabelo eo le tla e nka ho bona: Kgauta, silefera, le koporo;

4. purepera, sekarelata, krimsone, lene e ntle le boya ba podi;

5. le matlalo a dipheleu a tlotsitsweng ka bofubedu, matlalo a diqibi le difate tsa leoka;

6. ole ya lebone, le diarubetso tsa ole ya tlolo le tsa dibano;

7. mahakwe a onikse le mahakwe a tla kenngwa efodeng le mokgajwaneng.

8. Ba tla nketsetsa nqalo e halalelang, ke tle ke dule hara bona.

9. Le tla etsa tsohle ka tekanyetso ya tabernakele le ya mesebetsi yohle ya yona, kamoo ke le bontshang kateng.

10. Ba etse areka ya fate sa leoka: bolelele ba yona e be tswe tse pedi tse nang le halofo, bophara ba yona e be setswe se nang le halofo, mme bophahamo ba yona e be setswe se nang le halofo.

11. O tle o e manehe ka kgauta e hlwekileng. O e manehe kahare le kantle, mme o e etsetse mofapo wa kgauta o e potolohang.