3. Yaba Moshe o ya, a phetela setjhaba mantswe wohle a Jehova le ditaelo tsohle tsa hae, mme setjhaba sa araba ka ntswe le le leng, sa re: Taba tsohle tse boletsweng ke Jehova re tla di etsa.
4. Moshe a ngola mantswe wohle a Jehova. Yaba o tsoha e sa le hosasa, a haha aletare tlasa thaba, a hloma le majwe a leshome le metso e mmedi ho lekana le meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.
5. A roma bahlankana ba bana ba Iseraele ho ya hlaba mahlabelo a ditjheso; ba hlabela Jehova mahlabelo a teboho a dipoho.
6. Moshe a nka madi a mang, a a tshela merifing; a mang madi a a tshollela aletareng.
7. A ba a nka buka ya selekane, a e balla setjhaba; mme ba re: Tseo tsohle Jehova a di boletseng, re tla di etsa le ho di utlwa.
8. Yaba Moshe o nka madi, a foka setjhaba ka wona, a re: Ke ana madi a selekane seo Jehova a se tlabotseng le lona ka baka la mantswe ana kaofela.
9. Moshe le Aarone, le Nadabe, le Abihu, le baholo ba Iseraele ba mashome a supileng, ba nyoloha; ba bona Modimo wa Iseraele;
10. ba bona katlasa maoto a wona mosebetsi wa safire o bonaletsang, o hlwekileng jwaloka lehodimo.
11. Ha o a ka wa isa letsoho hodima ba kgethilweng ba bana ba Iseraele; ba bona Modimo, mme ba eja, ba enwa.
12. Jehova a re ho Moshe: Nyolohela ho nna thabeng, mme o hlole teng; ke tla o nea matlapa a nang le molao le taelo tseo ke di ngodileng hore ba rutwe tsona.
13. Moshe a tloha a ena le Joshua ya mo sebeletsang; Moshe a nyolohela thabeng ya Modimo.
14. A re ho baholo: Le re emeleng mona, re be re kgutlele ho lona. Le ka bona, Aarone le Hure ke bana, ba tla ba le lona; mang le mang ya nang le taba, a tle ho bona.
15. Yaba Moshe o nyolohela thabeng, mme leru la apesa thaba.