BIBELE e Halalelang

Eksoda 23:4-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Ekare ha o teana le kgomo ya sera sa hao, kapa esele ya sona e lahlehileng, o e busetse ho sona.

5. Leha o bona esele ya ya o hloileng e imetswe ke phahlo ya yona, o se ke wa e tlohela o sa e imolla, o ntoo tloha le yona.

6. O se ke wa kgelosa nyewe e lokileng ya mofutsana wa heno.

7. Balehela kahlolo e leshano, mme o se ke wa bolaya ya se nang molato le ya lokileng, hobane nke ke ka etsetsa e mobe jwaloka hoja a lokile.

8. O se ke wa amohela mpho; etswe mpho e foufatsa ba bontshisang, mme e kgopamisa dipuo tsa ba lokileng.

9. O se ke wa tuba moditjhaba; le lona le tseba maikutlo a moditjhaba hobane le bile baditjhaba lefatsheng la Egepeta.

10. Ka lemo tse tsheletseng, o tle o jale tshimo ya hao, o be o kotule tse bewang ke yona;

11. ka sa bosupa, o tlo o e tlohele e lale, e phomole, hore mofutsana wa tjhaba sa heno a je, mme ho salang ho jewe ke diphoofolo tsa naha. Etsa jwalo ka morara wa hao le ka mohlwaare wa hao.

12. O tla etsa mosebetsi wa hao ka matsatsi a tsheletseng, mme o phomole ka la bosupa, hore kgomo ya hao le esele ya hao di phomole le tsona, le hore mora lekgoba la hao le moditjhaba ba kgatholohe.

13. Le hlokomele tsohle tseo ke le boleletseng tsona; le se ke la ba la bolela lebitso la medimo e meng; le se ke la bolelwa ke molomo wa hao.

14. O nketsetse mokete hararo ka selemo.

15. O tla boloka mokete wa mahobe a sa lomoswang; ka matsatsi a supileng, ka nako e beilweng ya kgwedi ya Abibe, o tla ja mahobe a se nang ditomoso, jwalokaha ke o laetse; hobane ke ka yona kgwedi eo o tswileng Egepeta. Motho a se ke a hlaha pela ka a sa tshwara letho.

16. O boloke mokete wa kotulo, e leng dilopotsiya tsa mosebetsi wa hao, tsa tseo o nong o di jadile masimong: o boloke le mokete wa kotulo, ha ho fela selemo, e leng mohla o bokellang mofufutso wa mosebetsi wa hao masimong.

17. Hararo ka selemo, ba batona ba hao bohle ba tle ba hlahe pela Morena Jehova.

18. O se ke wa hlahisa madi a mahlabelo a ka hammoho le bohobe bo lomositsweng, mme mafura a mokete wa ka a se ke a lala a boloketswe hosasane.

19. O tlo o tlise tlung ya Jehova, Modimo wa hao, dilopotsiya tsa tse bewang ke lefatshe la hao, tsa ho qala. O se ke wa apeha potsanyane ka lebese la mma yona.

20. Bona, ke roma lengeloi la ka, hore le o etelle pele, le tle le o boloke tseleng, le o ise nqalong eo ke e lokisitseng.

21. O ke o itise ka baka la lona, o mamele lentswe la lona. O se ke wa ikgantshetsa lona, hobane le ke ke la o tshwarela boikgantsho ba hao, etswe lebitso la ka le le ho lona.

22. Ha o mpa o mamedisisa lentswe la lona, o etsa tsohle tseo ke tla o bolella tsona, ke tla ba sera ho dira tsa hao, ke lwantshe ba o lwantshang.