BIBELE e Halalelang

Eksoda 23:20-33 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. Bona, ke roma lengeloi la ka, hore le o etelle pele, le tle le o boloke tseleng, le o ise nqalong eo ke e lokisitseng.

21. O ke o itise ka baka la lona, o mamele lentswe la lona. O se ke wa ikgantshetsa lona, hobane le ke ke la o tshwarela boikgantsho ba hao, etswe lebitso la ka le le ho lona.

22. Ha o mpa o mamedisisa lentswe la lona, o etsa tsohle tseo ke tla o bolella tsona, ke tla ba sera ho dira tsa hao, ke lwantshe ba o lwantshang.

23. Etlare ha lengeloi la ka le o eteletseng pele, le o fihlisitse ho Baamore, le ho Bahethe, le ho Baferese, le ho Bakanana, le ho Baheve, le ho Bajebuse, ha ke se ke ba fedisitse,

24. o se ke wa ba wa kgumamela medimo ya bona, mme o se ke wa e sebeletsa, leha e le ho ya ka diketso tsa yona, o mpe o e fedisetse ruri, mme o robakisise ditshwantsho tsa yona.

25. Sebeletsang Jehova, Modimo wa lona, mme o tla hlohonolofatsa bohobe ba hao le metsi a hao, mme lefu ke tla le kgelosa ho wena.

26. Ho ke ke ha eba mosadi ya tswang mpa, kapa ya nyopileng lefatsheng la hao; hape, ke tla phetha palo ya ditshiu tsa hao.

27. Ke tla romela letsoso la ka le o etelle pele, mme ke qhale tjhaba se seng le se seng seo o tla fihla ho sona, ke balehise pela hao dira tsohle tsa hao.

28. Ke tla romela bobi, hore bo o etelle pele, mme bo tla leleka Baheve, le Bakanana, le Bahethe pela hao.

29. Nke ke ka ba tlosa pela lona ka lemo se le seng, esere lefatshe la fetoha nahathothe, le dibatana tsa naha tsa ata, tsa le ja.

30. Ke tla nne ke ba leleke pela hao, ho fihlela o ata, o rua lefatshe lohle.

31. Ke tla bea meedi ya hao ho tloha Lewatleng le Lefubedu ho isa Lewatleng la Bafiliseta, le ho tloha lefeelleng ho isa nokeng; hobane ke tla neela matsohong a lona ba ahileng fatsheng lena, o tle o ba leleke pela hao.

32. O se ke wa etsa selekane le bona, kapa le medimo ya bona.

33. Ba ke ke ba aha lefatsheng la hao, esere ba etsa hore o ntshitelwe ka ho sebeletsa medimo ya bona; hobane hoo e ka ba leraba ho wena.