BIBELE e Halalelang

Eksoda 23:1-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. O se ke wa tsamaisa taba ya leshano. O se ke wa emela e mobe, hore o be paki ya bohata bo etswang ke yena.

2. O se ke wa latela bongata ho ya etsa tse mpe; hape nyeweng o se ke wa bua o sekamela bongateng, ho kgopamisa ho loka.

3. Empa le teng o se ke wa etsetsa mofutsana leema nyeweng ya hae.

4. Ekare ha o teana le kgomo ya sera sa hao, kapa esele ya sona e lahlehileng, o e busetse ho sona.

5. Leha o bona esele ya ya o hloileng e imetswe ke phahlo ya yona, o se ke wa e tlohela o sa e imolla, o ntoo tloha le yona.

6. O se ke wa kgelosa nyewe e lokileng ya mofutsana wa heno.

7. Balehela kahlolo e leshano, mme o se ke wa bolaya ya se nang molato le ya lokileng, hobane nke ke ka etsetsa e mobe jwaloka hoja a lokile.

8. O se ke wa amohela mpho; etswe mpho e foufatsa ba bontshisang, mme e kgopamisa dipuo tsa ba lokileng.

9. O se ke wa tuba moditjhaba; le lona le tseba maikutlo a moditjhaba hobane le bile baditjhaba lefatsheng la Egepeta.

10. Ka lemo tse tsheletseng, o tle o jale tshimo ya hao, o be o kotule tse bewang ke yona;

11. ka sa bosupa, o tlo o e tlohele e lale, e phomole, hore mofutsana wa tjhaba sa heno a je, mme ho salang ho jewe ke diphoofolo tsa naha. Etsa jwalo ka morara wa hao le ka mohlwaare wa hao.

12. O tla etsa mosebetsi wa hao ka matsatsi a tsheletseng, mme o phomole ka la bosupa, hore kgomo ya hao le esele ya hao di phomole le tsona, le hore mora lekgoba la hao le moditjhaba ba kgatholohe.

13. Le hlokomele tsohle tseo ke le boleletseng tsona; le se ke la ba la bolela lebitso la medimo e meng; le se ke la bolelwa ke molomo wa hao.

14. O nketsetse mokete hararo ka selemo.