BIBELE e Halalelang

Eksoda 21:33-36 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

33. Ekare ha motho a tjhekile lemana, kapa ha motho a tjhekile mokoti, a sa ka a o kwahela, mme ho ka wela ho wona kgomo, kapa esele, monga lemena o tla lefa;

34. o tla busetsa ho monga phoofolo tjhelete tsa yona, lebole lona e be la hae.

35. Ekare ha kgomo ya motho e mong e hlaba kgomo ya e mong, e eshwa, ba tla reka ka kgomo e phelang, ba arolelane tjhelete tsa yona; ba arolelane lebole.

36. Empa ha kgomo e ne e tsejwa hoba e ne e ntse e na le mokgwa wa ho hlaba, mme monga yona a sa ka a e lebela, o tla lefa ka tefo e shwetseng, kgomo ka kgomo, lebole lona e be la hae.