BIBELE e Halalelang

Eksoda 21:28-32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

28. Ekare ha kgomo e hlaba monna, kapa mosadi, mme eo a eshwa, kgomo e tla tlepetswa ka majwe, mme nama ya yona e ke ke ya jewa; haele monga kgomo, yena ha a na molato.

29. Empa kgomo eo, ha e ne e na le mokgwa wa ho hlaba, mme monga yona a eletswa, a mpa a se ke a e lebela, ekare ha e bolaya monna, kapa mosadi, kgomo e tla tlepetswa ka majwe, le yena monga yona a bolawe.

30. Ha a lefiswa, a lefelle bophelo ba hae kahohle kamoo a ka lefiswang kateng.

31. Leha e hlabile mora, kapa moradi wa motho, e ke e etswe ka taelo eo.

32. Ha kgomo e hlabile lekgoba la monna kapa la mosadi, monga lona o tla lefelwa ka dishekele tse mashome a mararo tsa silefera, kgomo yona e tlepetswe.