BIBELE e Halalelang

Eksoda 21:11-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Ekare ha a sa mo fe ntho tsena tse tharo, o tla itswela a sa lefe letho, ho se topollo.

12. Ekare ha e mong a bata motho, mme eo a eshwa, a bolawe.

13. Ha a na a sa mo lalle, Modimo o mpa o mo dihile ka letsoho la eo, ke tla o kgethela moo a ka balehelang teng.

14. Ha e mong a tsohela e mong matla ka bolotsana hore a mmolaye ka mano, o tla mo tshwara, leha a se a balehetse aletareng ya ka, o mmolaye.

15. Ya ka otlang ntatae, kapa mmae, a bolawe.

16. Ekare ha e mong a utswa motho, a rekisa ka yena, kapa a fumanwa matsohong a hae, a bolawe le yena.

17. Ya rohakang ntatae, kapa mmae, a bolawe.

18. Ekare ha ba bang ba phea kgang, mme e mong a otla e mong ka lejwe, kapa ka setebele, ha a sa shwe, a mpa a robatswa diphateng,

19. ha a ka tsoha, a ba a itsamaela kantle ka lere la hae, ya mo otlileng o tla hloka molato, feela o tla lefela ho dula ha hae, mme a mo oke, a be a fole ruri.

20. Ekare ha e mong a otla lekgoba la hae la monna kapa la mosadi ka thupa, la eshwa ka letsoho la hae, le tla lefetswa;

21. ha le ka phela tsatsi le le leng, kapa a mabedi, le ke ke la lefetswa, hobane ke tjhelete tsa hae.

22. Banna ha ba lwana, mme ba thula mosadi wa moimana, mpa e senyeha, a mpa a sa tswe kotsi e isang lefung, ho tla lefshwa tefo e ka bewang ke monna wa mosadi eo, mme e tla lefshwa baahlodi ba le teng.

23. Empa ekare ha kotsi e hlahile, o tla lefa bophelo ka bophelo,

24. leihlo ka leihlo, leino ka leino, letsoho ka letsoho, leoto ka leoto,

25. tlabolo ka tlabolo, leqeba ka leqeba, letetetso ka letetetso.

26. Ekare ha monna a otla leihlo la lekgoba la hae la monna kapa la mosadi, a le senya, o tla le tlohela, le itsamaele ka baka la leihlo la lona.

27. Ekare ha a roba leino la lekgoba la hae la monna kapa la mosadi, o tla le tlohela, le itsamaele ka baka la leino la lona.

28. Ekare ha kgomo e hlaba monna, kapa mosadi, mme eo a eshwa, kgomo e tla tlepetswa ka majwe, mme nama ya yona e ke ke ya jewa; haele monga kgomo, yena ha a na molato.

29. Empa kgomo eo, ha e ne e na le mokgwa wa ho hlaba, mme monga yona a eletswa, a mpa a se ke a e lebela, ekare ha e bolaya monna, kapa mosadi, kgomo e tla tlepetswa ka majwe, le yena monga yona a bolawe.

30. Ha a lefiswa, a lefelle bophelo ba hae kahohle kamoo a ka lefiswang kateng.