1. Ke tsena ditaelo tseo o tla di bea pela bona:
2. Etlare hobane o reke lekgoba la Moheberu, le tla o sebeletsa ka lemo tse tsheletseng; ka sa bosupa, le tla tswa feela, le sa lefe letho.
3. Ha le ne le tlile ha hao le le nnotshi, le tla tloha le le nnotshi; ha le ne le tlile le ena le mosadi, le tla tloha le mosadi wa lona.
4. Ha monga lona a ne a le neile mosadi, mme mosadi eo e le tswaletse bara le baradi, mosadi le bana bao e tla ba ba monga lona, haele yena monna, o tla tloha a le mong.
5. Ekare ha lekgoba le tiisa, le re: Ke rata monga ka, ke rata le mosadi wa ka le bana ba ka, ha ke rate ho tloha ke ikela;
6. teng, monga lona o tla le atametsa pela Modimo, a le atametse pela lemati la monyako kapa kosene ya lona, mme monga lona o tla le phunya tsebe ka lemao, mme le tla nne le mo sebeletse ka ho sa feleng.
7. Ekare ha motho a rekisitse ka moradi wa hae ho mo etsa lekgoba, a ke ke a lokoloha ka mokgwa wa makgoba a matona.
8. Ha a le mobe mahlong a monga hae ya mo lebeleditseng, o tla re, a lopollwe; ha a na kamoo a ka rekang ka yena kateng ho ba tjhaba sesele, etswe a mo thetsitse.
9. Ha a mo nketse mora wa hae, o tla mo etsetsa kamoo motho a etsetsang baradi ba hae kateng.
10. Leha a ka nka mosadi e mong, ha a na ho mo fokoletsa dijo, kapa diaparo, kapa ditokelo tsa hae tsa lenyalo.
11. Ekare ha a sa mo fe ntho tsena tse tharo, o tla itswela a sa lefe letho, ho se topollo.
12. Ekare ha e mong a bata motho, mme eo a eshwa, a bolawe.
13. Ha a na a sa mo lalle, Modimo o mpa o mo dihile ka letsoho la eo, ke tla o kgethela moo a ka balehelang teng.
14. Ha e mong a tsohela e mong matla ka bolotsana hore a mmolaye ka mano, o tla mo tshwara, leha a se a balehetse aletareng ya ka, o mmolaye.