BIBELE e Halalelang

Eksoda 2:8-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Moradi wa Faro a re ho yena: Eya. Yaba morwetsana o a ya, a lata mma ngwana.

9. Yaba moradi wa Faro o re ho yena: Nka ngwana enwa, o nkanyesetse yena, mme ke tla o fa moputso wa hao. Mosadi a nka ngwana, a ya mo anyesa.

10. Eitse ha ngwana a hodile, a mo tlisa ho moradi wa Faro, mme ya eba mora wa hae, a mo rea lebitso la Moshe, a re: Ke hobane ke mo ntshitse metsing.

11. Mehleng ya ha Moshe a se a hodile, a tswa ho ya etela banababo, a tadima ho tubeha ha bona, mme a bona monna wa Moegepeta a otla monna wa bahabo, wa Moheberu.

12. Yaba o thalatsa kwana le kwana, mme eitse ha a bona ho se motho, a bolaya Moegepeta, a mo pata lehlabatheng.

13. Ka hosasane, a boela a tswa, a bona banna ba babedi ba Baheberu ba lwana; a re ho ya nang le molato: O otlelang wa heno?

14. Eo a re: Ke mang ya o beileng morena le moahlodi wa rona? Na o rata ho mpolaya, jwalokaha o bolaile Moegepeta na? Yaba Moshe o a tshoha, a re: Ruri taba eo e a tsejwa.

15. Eitse ha Faro a utlwa taba eo, a batla Moshe hore a mmolaye. Yaba Moshe o thobela Faro, a ya ahella naheng ya Midiane; a fihla a dula pela seliba.

16. Moprista wa Midiane o ne a na le baradi ba supileng, mme ba tla kga metsi, ba tlatsa dinwelo tsa dintho, ho nosa dinku tsa ntata bona.

17. Badisa ba fihla, ba ba lelekisa; empa Moshe a ema, a ba namolela, mme a nosa dinku tsa bona.

18. Yare ha ba boetse ho Reuele, ntata bona, a re: Le kgutlile kapele hakakang kajeno!

19. Ba re: Moegepeta o re namoletse matsohong a badisa, a ba a re kgella metsi, a nosa dinku.

20. Yaba o re ho baradi ba hae: Homme o kae? Monna eo le mo sietseng? Mmitseng, a tlo ja bohobe.

21. Moshe a rata ho aha ha monna eo, mme a mo nyadisa Sefora, moradi wa hae.

22. A tswala mora, a mo rea lebitso la Gershome, a re: Ke mojaki naheng ya ditjhaba.

23. Ditshiu tse ngata ha di fetile, morena wa Baegepeta a shwa. Haele bana ba Iseraele, ba ne ba ntse ba dumaela ka baka la ho tubeha ha bona, ba meketsa, mme ho meketsa ha bona ha fihla ho Modimo, kamoo ba tubehang kateng.