BIBELE e Halalelang

Eksoda 2:18-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Yare ha ba boetse ho Reuele, ntata bona, a re: Le kgutlile kapele hakakang kajeno!

19. Ba re: Moegepeta o re namoletse matsohong a badisa, a ba a re kgella metsi, a nosa dinku.

20. Yaba o re ho baradi ba hae: Homme o kae? Monna eo le mo sietseng? Mmitseng, a tlo ja bohobe.

21. Moshe a rata ho aha ha monna eo, mme a mo nyadisa Sefora, moradi wa hae.

22. A tswala mora, a mo rea lebitso la Gershome, a re: Ke mojaki naheng ya ditjhaba.

23. Ditshiu tse ngata ha di fetile, morena wa Baegepeta a shwa. Haele bana ba Iseraele, ba ne ba ntse ba dumaela ka baka la ho tubeha ha bona, ba meketsa, mme ho meketsa ha bona ha fihla ho Modimo, kamoo ba tubehang kateng.

24. Modimo wa utlwa ho dumaela ha bona, mme Modimo wa hopola selekane sa wona le boAbrahama le Isaaka le Jakobo.

25. Modimo wa tadima bana ba Iseraele, mme wa ba hlokomela.