BIBELE e Halalelang

Eksoda 2:12-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Yaba o thalatsa kwana le kwana, mme eitse ha a bona ho se motho, a bolaya Moegepeta, a mo pata lehlabatheng.

13. Ka hosasane, a boela a tswa, a bona banna ba babedi ba Baheberu ba lwana; a re ho ya nang le molato: O otlelang wa heno?

14. Eo a re: Ke mang ya o beileng morena le moahlodi wa rona? Na o rata ho mpolaya, jwalokaha o bolaile Moegepeta na? Yaba Moshe o a tshoha, a re: Ruri taba eo e a tsejwa.

15. Eitse ha Faro a utlwa taba eo, a batla Moshe hore a mmolaye. Yaba Moshe o thobela Faro, a ya ahella naheng ya Midiane; a fihla a dula pela seliba.

16. Moprista wa Midiane o ne a na le baradi ba supileng, mme ba tla kga metsi, ba tlatsa dinwelo tsa dintho, ho nosa dinku tsa ntata bona.

17. Badisa ba fihla, ba ba lelekisa; empa Moshe a ema, a ba namolela, mme a nosa dinku tsa bona.

18. Yare ha ba boetse ho Reuele, ntata bona, a re: Le kgutlile kapele hakakang kajeno!

19. Ba re: Moegepeta o re namoletse matsohong a badisa, a ba a re kgella metsi, a nosa dinku.