BIBELE e Halalelang

Eksoda 2:1-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Monna wa ntlo ya Levi a ya, a nyala morwetsana wa leloko la Levi.

2. Mosadi eo a emola, a tswala mora; eitse ha a bona hobane ke ngwana e motle, a mo pata ka kgwedi tse tharo.

3. Empa a sitwa ho mo pata halele; yaba o mo nkela sethoto sa moseme, a se bitiela ka tiri le ka boka, a kenya ngwana ka ho sona, a se bea lehlakeng, lebopong la noka.

4. Mme kgaitsedi ya ngwana a ema hojana, ho bona se tlang ho mo hlahela.

5. Yaba moradi wa Faro o theohela nokeng ho ya tola, mme barwetsana ba hae ba nna ba itsamaela lebopong la noka; eitse ha a bona sethoto hara lehlaka, a roma lekgabunyane la hae ho ya se nka.

6. Yaba o a se kwaholla, a bona ngwana, a fihlela e le ngwana wa moshanyana a ntse a lla, mme a mo qenehela, a re: Ke ngwana e mong wa Baheberu.

7. Kgaitsedi ya ngwana a re ho moradi wa Faro: A nka ya, ka o bitsetsa moanyesi ho basadi ba Baheberu, a tle a o anyesetse ngwana na?

8. Moradi wa Faro a re ho yena: Eya. Yaba morwetsana o a ya, a lata mma ngwana.

9. Yaba moradi wa Faro o re ho yena: Nka ngwana enwa, o nkanyesetse yena, mme ke tla o fa moputso wa hao. Mosadi a nka ngwana, a ya mo anyesa.

10. Eitse ha ngwana a hodile, a mo tlisa ho moradi wa Faro, mme ya eba mora wa hae, a mo rea lebitso la Moshe, a re: Ke hobane ke mo ntshitse metsing.

11. Mehleng ya ha Moshe a se a hodile, a tswa ho ya etela banababo, a tadima ho tubeha ha bona, mme a bona monna wa Moegepeta a otla monna wa bahabo, wa Moheberu.

12. Yaba o thalatsa kwana le kwana, mme eitse ha a bona ho se motho, a bolaya Moegepeta, a mo pata lehlabatheng.