BIBELE e Halalelang

Eksoda 19:3-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Moshe a nyolohela ho Modimo, mme Jehova a mmitsa a le qhoweng ya thaba, a re: Bua le ntlo ya Jakobo, o bolelle bana ba Iseraele, o re:

4. Le bone seo ke se entseng ho Baegepeta, le kamoo ke le pepileng kateng ka mapheo a ntsu, ka le tlisa ho nna.

5. Mme jwale ekare ha le ka fela la utlwa lentswe la ka, la boloka selekane sa ka, le tla ba le letlotlo la ka la sebele hara ditjhaba tse ding kaofela, etswe lefatshe lohle e le la ka.

6. Le tla ba ho nna mmuso wa baprista, le setjhaba se kgethehileng. Ke wona mantswe ao o tlang ho a bolela ho bana ba Iseraele.

7. Yaba Moshe o ya bitsa baholo ba setjhaba, a ba phetela mantswe ana kaofela ao Jehova a mo laetseng wona.

8. Setjhaba kaofela sa araba hammoho, sa re: Tsohle tseo Jehova a di buileng re tla di etsa.

9. Moshe a busetsa karabo ya setjhaba ho Jehova.