BIBELE e Halalelang

Eksoda 19:16-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Ka tsatsi la boraro, ha bo esa, diaduma tsa eba teng, le mahadima, mme leru le letenya la eba hodima thaba, le modumo wa terompeta o matla ka ho fetisisa; mme setjhaba kaofela se neng se le diahelong sa thothomela.

17. Yaba Moshe o ntsha setjhaba diahelong ho tla kgahlanyetsa Modimo, mme ba ema katlasa thaba, fatshe.

18. Thaba ya Sinai e ne e kubella mosi kahohle hobane Jehova o ne a theohetse ho yona a le mollong; mosi wa yona wa lopallela hodimo jwaloka mosi wa sebopi, mme thaba kaofela ya reketla haholo.

19. Eitse ha modumo wa terompeta o ntse o kokomoha ka ho fetisisa, Moshe a bua, mme Modimo wa mo arabela ka lentswe le matla.

20. Jehova a theohela hodima thaba ya Sinai, qhoweng ya thaba; Jehova a biletsa Moshe qhoweng ya thaba, mme Moshe a nyoloha.

21. Yaba Jehova o re ho Moshe: Theoha, o laele setjhaba, ba se tshohe ba phunyelletsa ka ho Jehova ho tla boha, mme ha eshwa ba bangata ho bona.

22. Esita le baprista ba atamelang Jehova, ba ikgalaletse le bona, esere Jehova a ba bolaya.

23. Yaba Moshe o re ho Jehova: Ha ho kamoo setjhaba se ka nyolohelang thabeng ya Sinai kateng, hobane o se o re boleletse, wa re: Etsetsang thaba moedi, e be ntho e halalelang.

24. Yaba Jehova o re ho yena: Tsamaya, o theohe, le ntano nyoloha, wena le Aarone, empa baprista le setjhaba ba se ke ba phunyelletsa ho tla nyolohela ho Jehova, esere a tshoha a ba bolaya.

25. Yaba Moshe o theohela ho setjhaba, a se bolella.