BIBELE e Halalelang

Eksoda 19:10-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Jehova a re ho Moshe: Bona, ke tla tla ho wena, lerung le letenya, hore setjhaba se tle se utlwe ha ke bua le wena, se be se o dumele kamehla. Moshe a tsebisa Jehova mantswe a setjhaba.

11. Yaba Jehova o re ho Moshe: Eya ho setjhaba, o se hlwekise kajeno le hosasane: ba hlatswe diaparo tsa bona. Ba itokisetse letsatsi la boraro, hobane ka tsatsi la boraro Jehova o tla theohela hodima thaba ya Sinai, mahlong a setjhaba kaofela.

12. O tle o beele setjhaba moedi o teelang thaba hare, o re: Itemoheleng, le se ke la nyolohela thabeng, kapa la ama mosiko wa yona; motho e mong le e mong ya ka amang thaba, o tla bolaelwa ruri.

13. Ho se be motho ya e amang ka letsoho, a mpe a tlepetswe ka majwe, mohlomong a bolawe ka metsu; kapa e leng phoofolo, kapa e leng motho a ke ke a phela. Etlare ha terompeta e lla, ba tle ba tle thabeng.

14. Yaba Moshe o theoha thabeng, a ya ho setjhaba; a hlwekisa setjhaba, mme ba hlatswa diaparo tsa bona.