BIBELE e Halalelang

Eksoda 19:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ka kgwedi ya boraro hobane bana ba Iseraele ba tswe lefatsheng la Egepeta, ka lona letsatsi leo, ba kena lefeelleng la Sinai.

2. Eitse ha ba tloha Refidime, ba fihla lefeelleng la Sinai, ba hloma ditente lefeelleng; Iseraele a hloma ditente malebana le thaba.

3. Moshe a nyolohela ho Modimo, mme Jehova a mmitsa a le qhoweng ya thaba, a re: Bua le ntlo ya Jakobo, o bolelle bana ba Iseraele, o re:

4. Le bone seo ke se entseng ho Baegepeta, le kamoo ke le pepileng kateng ka mapheo a ntsu, ka le tlisa ho nna.

5. Mme jwale ekare ha le ka fela la utlwa lentswe la ka, la boloka selekane sa ka, le tla ba le letlotlo la ka la sebele hara ditjhaba tse ding kaofela, etswe lefatshe lohle e le la ka.

6. Le tla ba ho nna mmuso wa baprista, le setjhaba se kgethehileng. Ke wona mantswe ao o tlang ho a bolela ho bana ba Iseraele.