BIBELE e Halalelang

Eksoda 16:29-36 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

29. Bonang, haele mona Jehova a le neile Sabatha, ke ka baka leo a le neang bohobe jwa matsatsi a mabedi ka tsatsi la botshelela; e mong le e mong a ke a dule ha hae, mme ho se ke ha eba le motho ya tswang ha hae ka tsatsi la bosupa.

30. Yaba moo setjhaba se phomolang ka tsatsi la bosupa.

31. Ba ntlo ya Iseraele ba rea ntho eo lebitso la manna; e ne e tshwana le hlaku tse tshweu tsa koriandere, mme monateng e le jwaloka dinkgwa tse dubilweng ka dinotshi.

32. Moshe a re: Taba e laetsweng ke Jehova ke ena: A ho bolokwe homere e tletseng manna, e bolokelwe ditloholo tsa lona, di tle di bone bohobe boo ke le fepileng ka bona lefeelleng, mohla ke le ntshang lefatsheng la Egepeta.

33. Yaba Moshe o re ho Aarone: Nka nkgo, o e tshele homere e tletseng ya manna, o e bee pela Jehova, e tle e bolokelwe ditloholo tsa lona.

34. Kamoo Jehova a laetseng Moshe kateng, Aarone a fela a e bea pela bopaki, hore e bolokwe.

35. Bana ba Iseraele ba ne ba je manna ka dilemo tse mashome a mane, ho fihlela ba kena naheng eo batho ba leng teng ho yona; ba eja manna ho isa ha ba fihla moeding wa lefatshe la Kanana.

36. Homere ke karolo ya leshome ya efa.