BIBELE e Halalelang

Eksoda 16:13-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Yare mantsiboya, dikwekwe tsa nyoloha, tsa aparela diahelo, mme ka hosasa, phoka ebe e letse e dikadikeditse diahelo.

14. Eitse ha phoka e neng e letse e tlohile, bonang, hodima lebala la nahathothe ho bo ho le ntho e kang dihlakunyana, e tshesane jwaloka matlalepula hodima lefatshe.

15. Bana ba Iseraele ha ba e bona, ba botsana ba re: Ke eng eo? Hobane ba ne ba sa tsebe hoba keng. Yaba Moshe o re ho bona: Ke bona bohobe boo Jehova a le neang bona, hore le bo je.

16. Ke yona taba eo Jehova a le laetseng yona, a re: E mong le e mong ho lona a ipokellele ho lekaneng ho ja ha hae, motho a inkele homere, ka palo ya batho bao le nang le bona; motho a nkele ba tenteng ya hae.

17. Bana ba Iseraele ba etsa jwalo, ba ola e mong haholo, e mong hanyenyane.

18. Yaba ba itekenyetsa ka homere, mme ya neng a odile haholo, ha a ka a sallwa, mme ya neng a odile hanyenyane, ha a ka a haellwa; e mong le e mong a itekanya kamoo a jang kateng.

19. Moshe a re ho bona: Ho se be motho ho lona ya bolokelang le tsatsi la hosasane.