BIBELE e Halalelang

Eksoda 16:10-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Yare ha Aarone a ntse a bolella phutheho yohle ya bana ba Iseraele, ha ba qala ho tadima nqa lefeelleng, ba tshoha kganya ya Jehova e bonahala lerung.

11. Jehova a bua le Moshe, a re:

12. Ke utlwile ho dumaduma ha bana ba Iseraele; ba bolelle, o re: Mantsiboya le tla ja nama, mme ha ho esa, le tla kgora bohobe, mme le tla tseba hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona.

13. Yare mantsiboya, dikwekwe tsa nyoloha, tsa aparela diahelo, mme ka hosasa, phoka ebe e letse e dikadikeditse diahelo.

14. Eitse ha phoka e neng e letse e tlohile, bonang, hodima lebala la nahathothe ho bo ho le ntho e kang dihlakunyana, e tshesane jwaloka matlalepula hodima lefatshe.

15. Bana ba Iseraele ha ba e bona, ba botsana ba re: Ke eng eo? Hobane ba ne ba sa tsebe hoba keng. Yaba Moshe o re ho bona: Ke bona bohobe boo Jehova a le neang bona, hore le bo je.

16. Ke yona taba eo Jehova a le laetseng yona, a re: E mong le e mong ho lona a ipokellele ho lekaneng ho ja ha hae, motho a inkele homere, ka palo ya batho bao le nang le bona; motho a nkele ba tenteng ya hae.

17. Bana ba Iseraele ba etsa jwalo, ba ola e mong haholo, e mong hanyenyane.

18. Yaba ba itekenyetsa ka homere, mme ya neng a odile haholo, ha a ka a sallwa, mme ya neng a odile hanyenyane, ha a ka a haellwa; e mong le e mong a itekanya kamoo a jang kateng.

19. Moshe a re ho bona: Ho se be motho ho lona ya bolokelang le tsatsi la hosasane.

20. Empa ha ba ka ba utlwa Moshe; batho ba bang hara bona ba bo beela hosasane; yaba ho tswa diboko, ha nkga; mme Moshe a ba halefela.