BIBELE e Halalelang

Eksoda 14:20-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. Ya tla dipakeng tsa ntwa ya Egepeta le tsa ntwa ya Iseraele, ya eba maru le lefifi ka nqe nngwe, ka nqe nngwe ya bonesa bosiu; ha ba ka ba atamelana ka bosiu bohle.

21. Moshe a otlollela letsoho la hae hodima lewatle, mme Jehova a suthisa lewatle ka moya o matla wa botjhabela o fokang ka bosiu bohle, lewatle a le fetola mobu o omileng, mme metsi a phatloha.

22. Bana ba Iseraele ba tsamaya kahara lewatle mobung o omileng, metsi ya eba lerako ho bona ka letsohong le letona le ka leqeleng.

23. Baegepeta ba ba phallela, ba kena kamora bona kahara lewatle, ka mapere a Faro kaofela, makoloi a hae, le bakalli ba hae.

24. Ka tebelo ya meso, Jehova a shadima lekgotla la Baegepeta a le topallong ya mollo le ya leru, mme a tsherehanya lekgotla la Baegepeta.

25. A pshemola maoto a makoloi a bona, hore a tsamaiswe ka boima. Yaba Baegepeta ba re: A re baleheleng Baiseraele, hobane Jehova o a ba lwanela, o lwantsha Baegepeta.

26. Yaba Jehova o re ho Moshe: Otlollela letsoho la hao hodima lewatle, metsi a boele hodima Baegepeta, le hodima makoloi a bona, le hodima bakalli ba bona.

27. Moshe a otlollela letsoho la hae hodima lewatle, mme lewatle la kgutlela tulong tsa lona ha bosiu bo esa; Baegepeta ha ba se ba baleha, ba kgahlana le lona, mme Jehova a dihela Baegepeta hara lewatle.

28. Metsi a boya, a kwahela makoloi le bakalli le lekgotla lohle la Faro le neng le ba lateletse lewatleng; ha ho a ka ha sala le a mong wa bona.

29. Empa bana ba Iseraele ba ne ba tsamaile moo ho omileng, hara lewatle, metsi a ba etseditse lerako ka letsohong le letona le ka leqeleng.

30. Jehova a namolela Iseraele ka tsatsi leo matsohong a Baegepeta, mme Iseraele a bona Baegepeta lebopong la lewatle e se e le ditopo.

31. Iseraele a bona matla a maholo ao Jehova a a bonahaditseng ho Baegepeta, mme setjhaba sa tshaba Jehova, sa dumela Jehova le Moshe, mohlanka wa hae.