BIBELE e Halalelang

Eksoda 14:1-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba Jehova o bua le Moshe, a re:

2. Bolella bana ba Iseraele hore ba kgelohe, mme ba hlome ditente pela Pi-Hahirothe, dipakeng tsa Migdole le lewatle, malebana le Baale-Tsefone; le hlome ditente maloka le teng pela lewatle.

3. Faro o tla re ka bana ba Iseraele: Ba lahlehile hara naha, lefeella le ba thibetse.

4. Ke tla thatafatsa pelo ya Faro, a tle a ba phallele, mme ke tla itlotlisa ka Faro le ka sera sa hae kaofela, Baegepeta ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova. Yaba ba etsa jwalo.

5. Eitse ha ho tsebiswa morena wa Egepeta hore setjhaba se balehile, pelo ya Faro le dipelo tsa bahlanka ba hae tsa kweneha bakeng sa setjhaba, ba re: Re ne re etsang, ha re lokolla Iseraele mosebetsing wa rona?

6. Yaba o bofa koloi ya hae, a nka le batho ba hae.

7. A nka le makoloi a makgolo a tsheletseng a kgethilweng le makoloi a Egepeta kaofela, a kentse bahale ho wona kaofela.

8. Jehova a thatafatsa pelo ya Faro, morena wa Egepeta, hore a phallele bana ba Iseraele; hobane bana ba Iseraele ba ne ba tswile ka letsoho le phahameng.

9. Baegepeta ba ba phallela, mme mapere le makoloi kaofela a Faro le bapalami ba hae le sera sa hae kaofela ba ba fihlela ba emisitse pela lewatle, pela Pi-Hahirothe, malebana le Baale-Tsefone.

10. Yare ha Faro a atamela, bana ba Iseraele ba lelatsa mahlo, ba bona Baegepeta ba ba phalletse, mme ba tshoha hampe; bana ba Iseraele ba howeletsa ho Jehova.

11. Ba re ho Moshe: Hleka ho ne ho se mabitla Egepeta, ha o re tlisitse ho shwela lefeelleng na? O ne o re etsang, ha o re ntsha Egepeta?

12. Na hase yona taba eo re o boleletseng yona Egepeta, ra re: Re tlohele, re sebeletse Baegepeta? Ho ne ho le molemo ho rona ho nna re sebeletsa Baegepeta, ho fetisa ho tla shwa lefeelleng.

13. Yaba Moshe o re ho setjhaba: Se tshoheng; ikemeleng, le bone pholoso eo Jehova a tla le etsetsa yona kajeno, hobane Baegepeta bao le ba bonang kajeno, ha le sa tla hlola le ba bona hape, le ka ho sa feleng.