BIBELE e Halalelang

Eksoda 12:40-51 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

40. Kahello ya bana ba Iseraele Egepeta e bile dilemo tse makgolo a mane a mashome a mararo.

41. Qetellong ya dilemo tse makgolo a mane a mashome a mararo, ka lona tsatsi leo, makgotla kaofela a Jehova a tswa naheng ya Egepeta.

42. Bosiu boo ke bosiu bo kgethelwang Jehova, ka hoba a ba ntshitse lefatsheng la Egepeta ka bona; ke bona bosiu bo kgethelwang Jehova, bo tlang ho bolokwa ke bana ba Iseraele kaofela melokong ya bona.

43. Jehova a re ho Moshe le ho Aarone: Taelo ya Paseka ke ena: Ha ho motho wa moditjhaba ya tlang ho e ja.

44. Empa mohlanka wa motho, ya rekilweng ka ditjhelete, ekare ha o mmoloditse, e tla ba hona a e jang.

45. Mojaki, kapa ya tholetsweng moputso, a ke ke a e ja.

46. E tla jelwa ka tlung e le nngwe; o ke ke wa isa letho la nama ya yona kantle ho ntlo; le se ke la roba lesapo la yona.

47. Phutheho ya Iseraele kaofela e tla etsa taba ena.

48. Ekare ha motho wa moditjhaba a aheletse ho wena, mme a rata ho etsetsa Jehova Paseka, e ka kgona a bolotse ba batona kaofela ba ho yena, e be hona a atamelang ho e etsa; a tshwane le ya tswaletsweng hae, hobane ya sa bollang a ke ke a e ja.

49. Molao o tla ba mong ho ya tswaletsweng hae, le ho moditjhaba ya jakileng ho lona.

50. Bana ba Iseraele kaofela ba etsa kamoo Jehova a laetseng Moshe le Aarone kateng; ba fela ba etsa jwalo.

51. Ka lona tsatsi leo, Jehova a ntsha bana ba Iseraele naheng ya Egepeta ka makgotla a bona.