BIBELE e Halalelang

Eksoda 12:3-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Bolellang phutheho yohle ya Iseraele, le re: Ka tsatsi la leshome la kgwedi ena, e mong le e mong a inkele konyana, kapa potsanyane, ka matlo a bontata bona, ntlo le ntlo e be le konyana.

4. Ekare ha ba ntlo ba sa lekane ho ja konyana, ba nkane le ba ntlo e bapileng le ya bona, ka palo ya batho: ho balwe e mong le e mong ka ho ja ha hae, ha ho nkwa konyana.

5. E be konyana e se nang sekodi, e tona, ya lemo se le seng; le inkele yona dinkung leha e le dipoding.

6. E tla dula ho lona le e bolokile ho fihlela tsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ena, e ntoo hlajwa mantsiboya ke phutheho yohle ya Iseraele.

7. Ba tla kgella madi a yona, ba foke dikosene tsa menyako le mosehlelo o hodima menyako ya matlo ao ba jelang ho wona.

8. Ba ja nama ya yona ka bosiu boo e besitswe ka mollo, ba e jellele le bohobe bo se nang ditomoso, le meroho e babang.

9. Le se ke la e ja e sa butswa; le se ke la e hladiya ka metsi, e mpe e beswe mollong, hlooho, le maoto, le dikateng tsa yona.

10. Le se ke la itshiella letho la yona hosasane, mme ho ka salang ha yona hosasane, le ho tjhese mollong.

11. Le tle le e je ka mokgwa ona: le itlamile matheka, le rwetse dieta tsa lona maotong a lona, le tshwere lere la lona matsohong a lona, le e je le potlaka: ke Paseka ya Jehova.