BIBELE e Halalelang

Eksoda 12:21-32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Yaba Moshe o bitsa baholo ba Iseraele kaofela, a re ho bona: Kgethang, mme le inkele konyana ka matlo a lona, mme le hlabe Paseka.

22. Le nke sehlotshwana sa hisopa, le e qopetse mading a mokekaneng; le foke sefate se hodimo le dikosene tsa menyako ka madi a leng mokekaneng; ho se ke ha tswa motho ka monyako wa ntlo ya hae ho fihlela hosasa.

23. Hobane Jehova o tla haola ka Egepeta, a e otle, mme etlare ha a bona madi sefateng se hodimo le dikoseneng, Jehova o tla feta hodima monyako, a se ke a dumella mosenyi hore a kene ka matlung a lona ho le otla.

24. Le tla boloka taelo ena, e be molao ho lona le ho bana ba lona ka ho sa feleng.

25. Etlare ha le fihlile lefatsheng leo Jehova a tlang ho le nea lona, kamoo a le baletseng kateng, le tle le boloke mokgwa ona.

26. Etlare ha bana ba lona ba le botsa, ba re: Le lekanyang ka ketso ena na?

27. le tla re ho bona: Ke sehlabelo sa Paseka ya Jehova, kamoo a kileng a feta pela matlo a bana ba Iseraele Egepeta kateng, mme a sireletsa matlo a rona. Yaba setjaba se a inama, sa rapela.

28. Yaba bana ba Iseraele ba ya, ba etsa kamoo Jehova a laetseng Moshe le Aarone kateng: ba fela ba etsa jwalo.

29. Ka bosiu bo boholo, Jehova a otla matsibolo a naha ya Egepeta kaofela, ho tloha ho letsibolo la Faro ya dutseng teroneng ya hae, ho isa ho matsibolo a motshwaruwa ya ka tlung ya teronko, le matsibolo kaofela a diphoofolo.

30. Yaba Faro o tsoha bosiu, yena le bahlanka ba hae kaofela, le Baegepeta bohle; ha eba seboko se seholo Egepeta, hobane ho ne ho se ntlo e hlokang mofu.

31. A bitsa Moshe le Aarone bosiu, a re: Tlohang, le tswe setjhabeng sa ka, lona le bana ba Iseraele, le ye, le sebeletse Jehova, jwalokaha le boletse.

32. Le nke le manku a lona, le makgomo a lona, kamoo le boletseng kateng, le tsamaye, le be le ntlhohonolofatse.