BIBELE e Halalelang

Eksoda 10:8-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Yaba Moshe le Aarone ba kgutlisetswa ho Faro, mme a re ho bona: Tsamayang, le ye ho sebeletsa Jehova, Modimo wa lona. Na ho tla ya bomang le bomang?

9. Moshe a re: Re tla ya, re na le bahlankana ba rona le maqheku a rona; re ye le bara ba rona le baradi ba rona, ka manku a rona le makgomo a rona, hobane re etsetsa Jehova mokete.

10. A re ho bona: Jehova a be le lona jwalo, jwalokaha ke fela ke tla le lokolla hore le tsamaye, lona le bana ba lona! Iponeleng, hobane kotsi e kapele ho lona.

11. Le ho leka! Tsamayang, lona le leng banna, le ye ho sebeletsa Jehova, hobane ke yona taba eo le e qetseng. Yaba ba tebelwa pontsheng ya Faro.

12. Yaba Jehova o re ho Moshe: Otlollela letsoho la hao hodima lefatshe la Egepeta, tsie e ke e tle naheng ya Egepeta, e je dimela tsohle tsa lefatshe, tsohle tse siilweng ke sefako.

13. Yaba Moshe o emisetsa lere la hae hodima naha ya Egepeta, mme Jehova a fokisa moya wa botjhabela lefatsheng ka tsatsi leo lohle le ka bosiu boo bohle; ha bo esa, moya wa botjhabela wa fihlisa tsie.

14. Tsie ya aparela lefatshe lohle la Egepeta, ya dula fatshe dinaheng tsohle tsa Egepeta, e le ngata hampe; pele ho yona ho ne ho eso ho be tsie e ka ka yona, le kamorao ho yona ha ho ka ke ha eba e kalo.

15. Hobane e ne e kwahele bophara bohle ba lefatshe, naha ya ba ya fifala; ya eja dimela tsohle tsa naha le ditholwana tsohle tsa difate tse neng di siilwe ke sefako; ha ho a ka ha ba ha sala botala difateng, leha e le dimeleng tsa naha, lefatsheng lohle la Egepeta.

16. Yaba Faro o phakisa a bitsa Moshe le Aarone, a re: Ke sitetswe Jehova, Modimo wa lona, le lona.

17. Jwale, ako tshwarele sebe sa ka lekgetlo lena feela, mme o rapele Jehova, Modimo wa lona, a ke a tlose lefu lena feela ho nna.

18. Yaba o tloha pela Faro, a rapela Jehova.

19. Jehova a fokisa moya o matla haholo wa bophirimela, mme wa fefola tsie, wa e lahlela Lewatleng le Lefubedu, mme ha ho a ka ha sala tsie leha e le nngwe naheng yohle ya Egepeta.

20. Empa Jehova a thatafatsa pelo ya Faro, mme ha a ka a lokolla bana ba Iseraele.

21. Yaba Jehova o re ho Moshe: Otlollela letsoho la hao hodimo, lefifi le tle le be teng naheng ya Egepeta, motho a tle a be a phopholetse lefifing leo.