BIBELE e Halalelang

Eksoda 10:2-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. le hore o tle o phetele mora hao le setloholo sa hao taba tseo ke di entseng ho Baegepeta, le dipontsho tsa ka tseo ke di entseng hara bona, mme le tle le tsebe hobane ke nna Jehova.

3. Yaba Moshe le Aarone ba ya ho Faro, ba re ho yena: Ho thwe ke Jehova, Modimo wa Baheberu: O tla hana ho fihlela neng ho ikokobetsa pela ka? Lokolla setjhaba sa ka, se ye ho ntshebeletsa.

4. Hobane ha o hanela setjhaba sa ka ha se tsamaya, bona, hosasane ke tla tlisa ditsie lefatsheng la hao;

5. di tla aparela bophara ba naha, motho a be a sitwe ho bona lefatshe; di tla ja mesaletsa e phonyohileng, eo le e sietsweng ke sefako, di je difate tsohle tse ntseng di metse masimong a lona.

6. Di tla tlala matlung a hao, le matlung a bahlanka ba hao kaofela, le matlung a Baegepeta kaofela; bontatao, kapa bontata bontatao ha ba eso ho bone tse kalo, haesale ba hlaha lefatsheng ho fihlela la kajeno. Yaba Moshe o a kgutla, a tloha pela Faro.

7. Bahlanka ba Faro ba re ho yena: Monna eo e tla ba leraba ho rona ho fihlela neneng? Lokolla batho bao, ba tle ba ye ho sebeletsa Jehova, Modimo wa bona. Na ha o eso ho lemohe hobane Egepeta e senyehile na?

8. Yaba Moshe le Aarone ba kgutlisetswa ho Faro, mme a re ho bona: Tsamayang, le ye ho sebeletsa Jehova, Modimo wa lona. Na ho tla ya bomang le bomang?

9. Moshe a re: Re tla ya, re na le bahlankana ba rona le maqheku a rona; re ye le bara ba rona le baradi ba rona, ka manku a rona le makgomo a rona, hobane re etsetsa Jehova mokete.

10. A re ho bona: Jehova a be le lona jwalo, jwalokaha ke fela ke tla le lokolla hore le tsamaye, lona le bana ba lona! Iponeleng, hobane kotsi e kapele ho lona.

11. Le ho leka! Tsamayang, lona le leng banna, le ye ho sebeletsa Jehova, hobane ke yona taba eo le e qetseng. Yaba ba tebelwa pontsheng ya Faro.

12. Yaba Jehova o re ho Moshe: Otlollela letsoho la hao hodima lefatshe la Egepeta, tsie e ke e tle naheng ya Egepeta, e je dimela tsohle tsa lefatshe, tsohle tse siilweng ke sefako.

13. Yaba Moshe o emisetsa lere la hae hodima naha ya Egepeta, mme Jehova a fokisa moya wa botjhabela lefatsheng ka tsatsi leo lohle le ka bosiu boo bohle; ha bo esa, moya wa botjhabela wa fihlisa tsie.