BIBELE e Halalelang

Eksoda 10:16-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Yaba Faro o phakisa a bitsa Moshe le Aarone, a re: Ke sitetswe Jehova, Modimo wa lona, le lona.

17. Jwale, ako tshwarele sebe sa ka lekgetlo lena feela, mme o rapele Jehova, Modimo wa lona, a ke a tlose lefu lena feela ho nna.

18. Yaba o tloha pela Faro, a rapela Jehova.

19. Jehova a fokisa moya o matla haholo wa bophirimela, mme wa fefola tsie, wa e lahlela Lewatleng le Lefubedu, mme ha ho a ka ha sala tsie leha e le nngwe naheng yohle ya Egepeta.

20. Empa Jehova a thatafatsa pelo ya Faro, mme ha a ka a lokolla bana ba Iseraele.

21. Yaba Jehova o re ho Moshe: Otlollela letsoho la hao hodimo, lefifi le tle le be teng naheng ya Egepeta, motho a tle a be a phopholetse lefifing leo.

22. Moshe a otlollela letsoho la hae hodimo, mme lefifi le letsho la eba teng naheng yohle ya Egepeta ka tshiu tse tharo.

23. Batho ba sitwa ho bonana, mme ho se ke ha eba motho ya tsohang ditulong tsa hae ka ditshiu tse tharo; empa bana ba Iseraele kaofela ba eba le lesedi moo ba ahileng teng.

24. Yaba Faro o bitsa Moshe, a re: Tsamayang, le ye ho sebeletsa Jehova, empa feela ha ho sale manku a lona le makgomo a lona, le ye le bana ba lona.

25. Moshe a re: E ka kgona o re fe matsohong tseo re tlang ho etsetsa Jehova, Modimo wa rona, mahlabelo le ditjheso ka tsona.

26. E ka kgona le mehlape ya rona e tsamaye le rona; ho ke ke ha sala le tlhako, hobane re tla nka ho tsona, ha re sebeletsa Jehova, Modimo wa rona; etswe re ke ke ra tseba hoba e ka kgona re nyehelle Jehova ka dife, ho fihlela re ba re fihla teng.

27. Empa Jehova a thatafatsa pelo ya Faro, mme a hana ho ba lokolla.

28. Faro a re ho yena: Tloha ho nna, o itemohele, o se ke wa hlola o bona sefahleho sa ka, hobane ka tsatsi leo o bonang sefahleho sa ka ka lona, o tla shwa.

29. Moshe a re: O a bolela, ha ke sa tla hlola ke bona sefahleho sa hao.