BIBELE e Halalelang

Eksoda 10:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba Jehova o re ho Moshe: Eya ho Faro, hobane ke thatafaditse pelo ya hae le dipelo tsa bahlanka ba hae, hore ke tle ke etse dipontsho tsena tsa ka pela hae;

2. le hore o tle o phetele mora hao le setloholo sa hao taba tseo ke di entseng ho Baegepeta, le dipontsho tsa ka tseo ke di entseng hara bona, mme le tle le tsebe hobane ke nna Jehova.

3. Yaba Moshe le Aarone ba ya ho Faro, ba re ho yena: Ho thwe ke Jehova, Modimo wa Baheberu: O tla hana ho fihlela neng ho ikokobetsa pela ka? Lokolla setjhaba sa ka, se ye ho ntshebeletsa.

4. Hobane ha o hanela setjhaba sa ka ha se tsamaya, bona, hosasane ke tla tlisa ditsie lefatsheng la hao;

5. di tla aparela bophara ba naha, motho a be a sitwe ho bona lefatshe; di tla ja mesaletsa e phonyohileng, eo le e sietsweng ke sefako, di je difate tsohle tse ntseng di metse masimong a lona.

6. Di tla tlala matlung a hao, le matlung a bahlanka ba hao kaofela, le matlung a Baegepeta kaofela; bontatao, kapa bontata bontatao ha ba eso ho bone tse kalo, haesale ba hlaha lefatsheng ho fihlela la kajeno. Yaba Moshe o a kgutla, a tloha pela Faro.