BIBELE e Halalelang

Eksoda 1:12-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Empa ba tswatswile ba ba tuba, ya eba hona moo ba atang, ba ngatafalang; mme ba teneha ke bana ba Iseraele.

13. Baegepeta ba tuba bana ba Iseraele ka bokgoba;

14. ba ba sulafaletsa bophelo ba bona ka mosebetsi o boima wa seretse le wa setene, le ka mesebetsi yohle ya masimo, mosebetsi oo, wohle wa bona ba ne ba ba sebedisa wona ka ho ba tuba.

15. Morena wa Egepeta a bolella babelehisi ba Baheberu, lebitso la e mong e le Shifra, la e mong e le Pua,

16. a re: Ha le belehisa basadi ba Baheberu, mme le bona hoba ba se ba ya beleha, ere ha e le ngwana e motona, le mmolaye, mme ha ekaba ke ngwana wa mosetsana, a pholohe.

17. Empa babelehisi ba ne ba tshaba Modimo, mme ha ba ka ba etsa kamoo morena wa Egepeta a neng a ba laetse kateng, empa ba tlohela bashanyana hore ba phele.

18. Yaba morena wa Egepeta o bitsa babelehisi, a re ho bona: Ke ka baka lang ha le entse taba ena, le tlohetse bana ba batona hore ba phele?

19. Babelehisi ba re ho Faro: Ke kahobane basadi ba Baheberu ha ba tshwane le basadi ba Baegepeta, hobane ke basadi ba hlaha, mme ere mmelehisi a eso fihle ho bona, ba be ba se ba belehile.

20. Ka baka lena, Modimo wa etsetsa babelehisi ka molemo, mme setjhaba sa ata, sa natlafala haholo.