BIBELE e Halalelang

Eksoda 1:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ke ana mabitso a bana ba Iseraele, ba neng ba ye Egepeta le Jakobo, e mong le e mong a ya le ba ntlo ya hae:

2. Rubene, Simeone, Levi le Juda;

3. Issaskare, Sabulone, le Benjamine;

4. Dane le Nefthali, Gade le Asere.

5. Batho bohle ba tswileng lethekeng la Jakobo e ne e le batho ba mashome a supileng; haele Josefa, o ne a se a le Egepeta.

6. Josefa a shwa, le banababo le moloko oo kaofela.

7. Mme bana ba Iseraele ba ata, ba ngatafala, ba anafala, ba natlafala haholoholo, mme naha ya Egepeta ya tlala bona.

8. Yaba ho hlaha morena osele Egepeta, ya neng a sa ka a tseba Josefa.

9. A re ho setjhaba sa hae: Bonang, setjhaba sa bana ba Iseraele ke sena se re feta ka bongata le ka matla