BIBELE e Halalelang

Eksoda 1:1-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ke ana mabitso a bana ba Iseraele, ba neng ba ye Egepeta le Jakobo, e mong le e mong a ya le ba ntlo ya hae:

2. Rubene, Simeone, Levi le Juda;

3. Issaskare, Sabulone, le Benjamine;

4. Dane le Nefthali, Gade le Asere.

5. Batho bohle ba tswileng lethekeng la Jakobo e ne e le batho ba mashome a supileng; haele Josefa, o ne a se a le Egepeta.

6. Josefa a shwa, le banababo le moloko oo kaofela.

7. Mme bana ba Iseraele ba ata, ba ngatafala, ba anafala, ba natlafala haholoholo, mme naha ya Egepeta ya tlala bona.

8. Yaba ho hlaha morena osele Egepeta, ya neng a sa ka a tseba Josefa.

9. A re ho setjhaba sa hae: Bonang, setjhaba sa bana ba Iseraele ke sena se re feta ka bongata le ka matla

10. Tloong, re se etsetseng ka bohlale, se tle se se ke sa ngatafala, mme ya tla ya re ha ntwa e ka tsoha, sa tlatsana le dira tsa rona, sa re lwantsha, mme sa tloha naheng ena.

11. Yaba ho bewa balaodi ba mosebetsi hodima sona, ho se tuba ka mesebetsi e boima. Ba hahela Faro metse ya mediko, Pithome le Ramsese.

12. Empa ba tswatswile ba ba tuba, ya eba hona moo ba atang, ba ngatafalang; mme ba teneha ke bana ba Iseraele.

13. Baegepeta ba tuba bana ba Iseraele ka bokgoba;