BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 94:12-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Jehova, ho lehlohonolo motho eo o mo layang, eo o mo rutang ka molao wa hao,

13. o tle o mmatlele kgotso ha matsatsi a mabe a hlaha; ho fihlela ha lemena le tjhekelwa e mobe!

14. Hobane Jehova a ke ke a lahla setjhaba sa hae, a ke ke a tlohela lefa la hae;

15. hobane kahlolo e tla kgutlela ho lokeng, mme bohle ba pelo tse lokileng ba tla ya ka hona.

16. Ke mang ya tlang ho nkemela ho ba bolotsana? Ke mang ya tlang ho nthusa bakeng sa ba etsang bobe?

17. Hola Jehova a sa ka a nthusa, moya wa ka o ka be o phakisitse ho ya aha nqalong ya kgutso.

18. Eitse ha ke ne ke re: Leoto la ka le a thella, mohau wa hao, Jehova, o tlile ho ntshehetsa.

19. Pelo ya ka ha e tletse dipelaelo matshediso a hao a hlabolla moya wa ka.

20. Na o ka ba le kopano le terone ya bokgopo, e qapang bobe, e nyatsisang molao na?

21. Ba bokanela bophelo ba ya lokileng, ba tswa madi a se nang molato.

22. Empa Jehova ke qhobosheane ya ka, Modimo wa ka ke lefika la palehelo ya ka;

23. o tla busetsa ho bona moputso wa bokgopo ba bona, o ba fedise ka baka la bolotsana ba bona. Jehova, Modimo wa rona, o tla ba fedisa.