BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 93:2-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Terone ya hao e tiile esale mehleng ya kgale, o ntse o le teng le mehleng e hlokileng qalo.

3. Jehova, dikgohola di phahamisa, dikgohola di phahamisa lentswe la tsona, dikgohola di phahamisa medumo ya tsona.

4. Jehova o kgabane nqalong tse diphahameng, o okametse medumo ya metsi a mangata le maqhubu a matla a lewatle.

5. Bopaki ba hao bo tshepahala ho fetisa. Kgalalelo e tshwanela ntlo ya hao, Jehova, kamehla yohle.