BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 92:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ho monate ho roka Jehova, le ho binela lebitso la hao, Mookamedi ya phahameng!

2. ho bolela mohau wa hao ka meso, le bokgabane ba hao ka masiu wohle,

3. ka thomo e kgole tse leshome le ka pesalterine, ka harepa e modumo o monate.

4. Hobane o nthabisa, Jehova, ka diketso tsa hao, ke nyakalatswa ke mesebetsi ya diatla tsa hao.

5. Mesebetsi ya hao e meholo hakakang, Jehova, mehopolo ya hao e tebile hakakang!

6. Motho ya letlaopa ha a tsebe teng, lewatla ha le utlwisise teng.

7. Leha banyefodi ba mela eka meroho, le ba bolotsana kaofela ba atleha, ke hore ba senyehe ka ho sa feleng.

8. Empa wena, Jehova, o ntse o le Mookamedi ya phahameng ka ho sa feleng.

9. Hobane dira tsa hao, Jehova, dira tsa hao di a fela, ba sebetsang bobe kaofela ba qhalwa.

10. O emisa lenaka la ka jwaloka la nare, ke tlotsitswe ka ole e ntjha;