BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 91:8-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Feela, o tla iponela ka mahlo a hao, o be o bone moputso wa ba bolotsana.

9. Hobane, Jehova, o setshabelo sa ka.O ikgethetse Mookamedi ya phahameng, hore e be setshabelo sa hao.

10. Ka baka leo, tlokotsi e ke ke ya fihla ho wena, kotsi e ke ke ya atamela tente ya hao;

11. hobane o tla o laella mangeloi a hae, a tle a o boloke ditseleng tsa hao kaofela.

12. A tla o kakasa ka matsoho a wona, esere mohlomong leoto la hao la kgoptjwa ke lejwe.

13. O tla hata tau le qowane, o hatakele tawana le noha.

14. Erekaha a beile lerato la hae ho nna, ke tla mmoloka, ke mmee qhobosheaneng e phahameng, kahobane a tsebile lebitso la ka.

15. O tla bitsa ho nna, mme ke tla mo araba; ke tla ba haufi le yena matswalong, ke mo ntshe ho wona, ke mo tlotlise.

16. Ke tla mo kgorisa ka matsatsi a mangatangata, ke mmontshe poloko ya ka.