BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 90:9-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Hobane matsatsi a rona a ikela pela bohale ba hao, re fellwa ke dilemo tsa rona jwalokaha re fellwa ke kgopolo.

10. Matsatsi a ho phela ha rona ke dilemo tse mashome a supileng, ho ba matla ke tse mashome a robileng meno e le mmedi; boikakaso ba tsona ke kgathatso le bomadimabe; hobane bophelo ba rona bo fela kapele, bo ikela koo.

11. Matla a bohale ba hao le botshabeho ba kgalefo ya hao ke mang ya di elang hloko?

12. O re rute ho bala matsatsi a rona ka mokgwa oo re ka fihlelang pelo e hlalefileng ka wona!

13. Kgutla, Jehova! o tla isa kae ...? o hauhele bahlanka ba hao!

14. O re kgorise ka mohau wa hao e sa le kameso, re tle re nyakalle, re thabe ka matsatsi wohle a rona.

15. O re fe thabo e lekaneng le matsatsi ao o re hlomoditseng ka wona, le dilemo tseo re boneng ditlokotsi ka tsona!

16. Bonahatsa mosebetsi wa hao ho bahlanka ba hao, le kganya ya hao ho bana ba bona!

17. Mme mohau wa Jehova. Modimo wa rona, o be ho rona! Mosebetsi wa matsoho a rona, o re tiiselletse wona; e, mosebetsi wa matsoho a rona o o tiise.