1. Jehova, o nnile wa ba setshabelo sa rona melokong le melokong.
2. Dithaba di eso ho ka di hlaha, o eso ho bope lefatshe le dintho tsohle, e, ho tloha ho bo sa hlaheng ho isa ho bo sa feleng, esale o le Modimo.
3. O kgutlisetsa batho leroleng, mme o re: Kgutlelang, lona, bana ba batho!
4. Hobane dilemo tse sekete mahlong a hao di jwaloka tsatsi la maobane, ha le se le fetile, le jwaloka tebelo ya bosiu.
5. O a ba kgohola; ba jwaloka toro; hosasa, ba mela jwaloka jwang;
6. hosasa, bo a palesa, bo mele, mantsiboya bo a helwa, bo pone.
7. Hobane re fediswa ke bohale ba hao, re tshoswa ke kgalefo ya hao.
8. O bea makgopo a rona pela hao, le dibe tsa rona tse patilweng o di bea leseding la sefahleho sa hao.
9. Hobane matsatsi a rona a ikela pela bohale ba hao, re fellwa ke dilemo tsa rona jwalokaha re fellwa ke kgopolo.
10. Matsatsi a ho phela ha rona ke dilemo tse mashome a supileng, ho ba matla ke tse mashome a robileng meno e le mmedi; boikakaso ba tsona ke kgathatso le bomadimabe; hobane bophelo ba rona bo fela kapele, bo ikela koo.
11. Matla a bohale ba hao le botshabeho ba kgalefo ya hao ke mang ya di elang hloko?
12. O re rute ho bala matsatsi a rona ka mokgwa oo re ka fihlelang pelo e hlalefileng ka wona!